Mamelang
Emma Mkwanazi, Aubrey Ntshalintshali, Patrick Mcube, And Priscilla Lekaba
4:32Pel'a tulo se tshabehang Sa borena ba Jehova Bohle, batho, atamelang, Anang ka ho thothomela! Le mo tsebe, ke Molimo Ke 'Mopi oa lintho tsohle Machaba, marena, bafo Pel'a hae e ka lerole Oa laea, oa khalemela Ho se ea ka mo fetolang Oa phelisa, oa timetsa O etsa kamoo a ratang Empa ho eena lerato Le khanya joale ka matla Le timetsa mehopolo Hape, ha le na ho fela Morena, u re bopile U re baballa ka matla Ntate, u re bolokile Ha re sa na ho timela Re tla phahamisa mantsoe 'Moho le machaba-chaba Bohle, ka pelo e le 'ngoe Ka mehla re tla u boka