Lengolo
Mpharanyana
3:26Ntata rona ya mahodimong Bitso la hao le khethehe ho tle muso wa hao Thato ya hao e etsehe lefatsheng Jwalo ka e etseha lehodimong O re fe kajeno bohobe ba rona bo re lekaneng Tsatsi le leng' le le leng' o re tshwarele melato ya rona Jwalo ka ha re ba tshwarela ba re sitetseng O s'ka re isa molekong O mpe o re lwele ho e mobe 'Bane muso ke wa hao Le matla le khanya kao sa feleng Ke mang ya ka dulang thabeng ya Jehova Kapa ya ka dulang sehalalelong sa hae Ke ya matsoho a senang molato Ya pelo e hlwekileng Motho ya jwalo O tla fumana hlonolofatso ho Jehova Le kutlwelobohloko pel'a Morena Modimo wa hae Ngwaneso mamela ela hloko Rona batswadi Rea hlopheha Re dutse ka pelo tse bohloko ho ntate Ke ka lebaka la bana ba rona Ha ba mamele ha re bua le bona Ha o so utlwi Ha o so utlwi Hona jwale ha ke sheba ngwanenwa Ke utlwa ka nnete ka nnete ke swaba ho mama Ngwana enwa ke ne ke mo tshepile Empa empa empa o ile a ntshwabisa O ile a ntshwabisa O ile a ntshwabisa