Jehova Modimo Wa Iseraele
Solly Moholo
5:16Nyakallang lefatshe lohle Lona ba senyehileng Jesu o batla kahohle Batho ba lahlehileng Ba fetohe, (bis) Ba sokolohe bobeng Molao wa 'Moloki o teng Ho barutwa kaofela Hore ba ise dichabeng Ditaba tsa ho phela Batho bohle (bis) Bo bolokehe ho shoeng E—eang, le re, ke ba shoetse Ke ba lefetse dibe Le Satane ke mo hlotse Matl'a hae a fedile Sefapano, (bis) Topollo e hlahile Utlwang lentswe le molemo Le romiloeng ke Jesu Le le kuke ka tumelo Ke le phedisang batho Matl'a lona (bis) A ka fetola pelo Tumisang jwale hosanna! Modim'o re etetse Bophelo re ya bo fumana Jesu o bo tlisitse Ba sione, (bis) Tlong, re mo dumedise Jesu, thusa lentswe la hao Le hasane lefatsheng Bohle re hopole molao Oo re o boleletsweng Re phakise (bis) Ho bontsha ba lefifing